Local
Lelapa le re le leboha ha fumane likhomo tse neng li utsuoe
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Monghali Teboho Fokase oa Nkoeng Ha Thakali, Maseru o re likhomo tsa bo tse ileng tsa
utsuoa ke banna ba babeli ka lithunya, shoalaneng ea Laboraro, li fumanehile ka khohlong
ea motse oa Tholang Koro-Koro li fasitsoe.
O re o leboha Phutsalatso ena hoba o ile a hlaba mokhosi a re a thusoe ka likhomo tseo,
kamor’a hore masholu ao a ile a khabolisa lithunya makhetlo a mararo, nakong eo ntata’e a
tsoelang kantle a ee ka tsona, ka mabaka ana oa leboha.