BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MOHLANKANA O LAELOA KE SEPOLESA HO LEFELLA LITS’EBELETSO TSA DNA, MOKHOTLONG

By Thabo Mokoena • June 10, 2024 • 5 min read
Lelapa la mohlankana oa ’Muela Ha Moeketsane, Mokhotlong, le re o laetsoe ke sepolesa sa setereke seo ho ea lefella lits’ebeletso tsa tlhatlhobo ea mali e hlalohanyang hore na lesea le libeke li peli lee ntat’a lona a neng a le isa ho eena ke la mang(DNA). Tsena li boletsoe ke moholoana’e monghali Lebajoa Ts’ele ea reng sepolesa se bile sa laela hore moena oa hae Qetelo Ts’ele (25)hore a be a palamise le ho fepa lelapa la bo lesea leo e leng monghali Likhetho Molahlehi le ’Mats’abello Molahlehi. Qeto e fihletsoeng ke hore ebe bohareng ba khoeli ena,ka lehlakoreng le leng monghali Likhetho Molahlehi ee eleng monna oa mosali eo, o re litaba tsena ke ’nete,’me o ntse a tiisa hore lesea ha se la hae, ho latela hore eena le mosali ba ne ba arohane ka liphate ka lebaka la ngoana oa bona ea selemo le likhoeli tse hlano ha ha joale. Mosali oa hae ’Mats’abello Molahlehi(23) o re ka ho ts’oana o ntse a tiisa hore lesea ke la mohlankana eo ea boleloang. Morena Moeketsane Moeketsane o tiisitse litaba tsena tsee a neng a li phutsalatse e le mokhosi oo a neng a re ba ts’oere tau ka litlena, esale ba lulela taba eo majoana le sechaba sa hae, empa e sa fumaneloe tharollo ha ba tla fumana boeletsi ba ho ea sepoleseng se ileng sa re ba ee setsing sa bophelo. Motlatsi oa phala ea sepolesa ’Mareabetsoe Mofoka, o re molao ke oona o tlamang ee ho lluoang ka eena, ka taelo ea lekhotla la ‘Maseterata hore a jare lits’enyehelo tsee lelapa leo le tla mo buseletsa tsona ha sephetho se hlaha se mo ts’ola. Ho tloha moo a re lits’enyehelo li ka jaroa ke molli moo eleng ts’enyo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.