MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Baahi ba Ha Ts’osane ba teka sello sa bona ka thotobolo e tikolohong eo ka pel’a komiti ea litletlebo ea Senate
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Baahi ba Ha Ts’osane, Maseru, ba re Sepolesa sa Lesotho se ntse se lebela thotobolo e sebakeng seo, ho tloha mohla ba neng ba ipelaetsa hore ho se hlole ho qhalloa lithole ho sona, khoeling e fetileng.
Tsena ba li buile kopanong ea bona le komiti ea litletlebo ea Senate, ka Labobeli la beke ena, moo ba kopang namo.
Har’a tseo ba llang ka tsona, ke hore Lekhotla la Motse-Moholo, Lekala la Bophelo, Tikoloho le Puso ea Borena, ha a fane ka tharollo ea nako e telele ba meketsa mafapheng a joalo, ke ka hona ba qeteletseng ba ngolla matlo a mabeli a paramente ho kena lipakeng.
Har’a likeletso tseo balli ba li fuoeng, ke hore ba eo batla hore na e fela thotobolo eo e ntse e ikarabella ho MCC kapa che, le ho fumana litlaleho tsa ngaka tsa batho ba amehileng ka lebaka la eona, mekhatlo e ikemetseng e bokelle mapaki a tla a fa ntlo.