BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Lelapa la Ramotili le re le tla ipolokela mor’a lona ka lits’enyehelo tsa lona le tsa sechaba, e seng tsa RFP

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Lelapa la Ramotili le phelang Makanyaneng, Moeling, Thaba-Tseka, le re le tla boloka setho sa lona mafelong a beke ena, sebini se ileng sa timetsoa ka ho otloa ka molamu sebokeng sa RFP e seng e sitoa ho nka boikarabello ketsahalong ea khoeli e fetileng. Moena oa mofu monghali Renang Ramotili, o re ho fihlela ka Labohlano la beke ena, lelapa le ntse le e-so amohele letho la mats'eliso a tsoang phathing ena. O re lits'enyehelo tsohle tsa lepato la eo, li mahetleng a lelapa le sechaba se ileng sa phalla ha se utloa sealuma sena. Litabeng tsena, motlatsi oa raliphatlalatso oa RFP monghali Thabo Maretlane, o re ho oa makatsa hore ebe lelapa le re ha lea thusoa ka letho, empa lekase le lijo li rekikoe ke Moparamente oa Lebatooa leo, letona la lipalangoang monghali Matjato Moteane le tlatselelitse ka naepene ho kenyelletsa mats'eliso a bokellelitsoeng ke litho tsa lets'olo.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.