MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Basebetsi ba lifeme ba fetang likete tse ’ne ba lahlehetsoe ke mesebetsi selemong se fetileng sa lichelete
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Koporasi ea Ntlafatso ea Moruo Lesotho, LNDC, e re basebetsi ba lifeme ba kaholimo ho likete tse ’ne le makholo a supileng, ba lahlehetsoe ke mesebetsi lipakeng tsa Tlhakubele ea ngoahola lea selemo sena.
Tahlehelo e re tlhokahalo ea mesebetsi e nyolohile ka linoko tse leshome le metso e meraro lekholong, Lesotho lohle. Litaba tsena li phatlalalitsoe bohareng ba Mots’ehanong, monongoaha.
Monghali Ts’epang Makakole oa mekhatlo ea basebetsi ba lifeme, o re lipalo tsena li eketsehile ka palo e kaholimo ho sekete le makholo a supileng, ka ha ho sa tsoa koaloa Vishan Ace Apparel, ea Maputsoe, Leribe le Taiyan-Liahelo ea Ha Thetsane, Maseru.
Nyaka-nyaka o re leholiotsoana lena le futsitse basebetsi ba ntseng ba le jokong ka ho notla meputso ea bona ho tlang ka hore ba se ba na le ho sebetsa matsatsi a fokolang khoeling.