BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Sekolo sa koetliso ea litichere se kene selekaneng le mokhatlo oa CRS ho matlafatsa litichere tsa likolo tsa likonyana

By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Sekolo sa Koetliso ea Litichere LCE se kene selekaneng sa lilemo tse peli le mokhatlo oa Catholic Relief Services, CRS, ka sepheo sa ho matlafatsa litichere tsa likolo tsa likonyana, libakeng tse sa fihleleheng ha bobebe Mokhotlong, Semonkong le Thaba-Tseka, ka Labone la beke ena. Monghali Moqophe Mathe, mookameli oa CRS, o re morero ona ke oa ho lefella litichere tse tlang ho etsa lengolo boemong ba certificate, ’me ke baithuti ba mashome a mabeli a metso e mehlano, ho shebiloe boemo ba tsona ba thuto le nako ea tšebetso, empa lenane-thuto lena le se le buletsoe bohle. Dr Moeletsi Letele, mookameli oa LCE, o re sena se etsa nalane ebile se thusa naha ho arabela lipehelo tsa mongoaha-kholo karolo ea bone, e re linaha li fane ka thuto e ntlafetseng e nang le boleng, molemong oa matlafatso ea bana ba banyenyane, ’me sena se tlilo arabela leano la thuto la naha ena. Hona litabeng tsena, Dr Thabo Ntoi lebitsong la Lekala la Lichelete, o re thuto ke letsete, ka hona ba leboha CRS, ka ho thusa ’muso ho matlafatsa thuto ea bana ba Basotho, etsoe o keke oa fihlela bohle.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.