BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa lijunifesithing tse peli Amerika

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Econet Telecom Lesotho ka letlole la Higher Life, le hlahisitse sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa lijunifesithing tse peli Amerika, ka Lapele la beke ena, Maseru. Mookameli oa Econet, monghali Dennis Plaatjies, o re letlole lena le qalileng ka selemo sa likete tse peli le leshome le motso o mong, le se le entse phetoho e kholo bophelong ba bana ba Basotho ba ka holimo ho sekete ho qala likolong tsa mathomo, lik’holejeng le junifesithing tse fapakaneng kantle le ka hare ho naha. Katleho Makhele ea tla kalla nonyana-ts’epe ka Labobeli lena, o re ha se taba ea ho nyolla lipalo-palo feela, empa e etsa phetoho e kholo bophelong ba ba ba thusang moeeng, nameng, le maikutlong. O re o qalile ho ts’ehetsoa sekolong se bohareng sa St. Stephen’s Mohalesuku, a ea Zimbabwe ka 2021, a ea Eswatini, ’me kajeno o ea Amerika. Ofisiri ea liphatlalatso Econet, monghali Rets'elisitsoe Nkhahle, o re ba leboha Baji ba lihlahisoa tsa bona hobane ke ka bona ba ntseng ba tseba ho busetsa sechabeng, ’me ba se ba sebelisitse naepene e ka holimo ho limilone tse 43 tsa Maloti.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.