MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MAHOKELA A HA THAMAE A RE A A THABELA TS'EBETSO EA SEPOLESA SA TIKOLOHO EA BONA
By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Mahokela a Ha Thamae e ka holimo Maseru a re a khutlile sepoleseng sa tikoloho eo ka Labots’ela la beke ena, a sa khotsofalla ts’ebeletso ea sona ea ho a hanela ho ba karolo ea litaba tsa bashanyana babeli ba belaelloang bosholung ba khomo ea moahi oa motse oo.
Monghali Macheli Mohapi, o re sena se latela hore monga khomo a fumane e le sieo lapeng, mohlala oa ba isa ho moshanyana ea reng o lokolletsoe phoofolo ke molisana, ea tiisetseng litaba tsena ke molisana.
Monghali Macheli Mohapi o re mapolesa a ikoalletse le bashanyana ’moho le monga khomo, eleng motho ea seng a ena bothata ba ho utloa le ho bua hantle ka lebaka lqa ho hola, hoo a hlokang mhokela ao ho momamelisa.
Sepolese se ha se fumanehe ka lebaka la bosieo ba phala ea sepolesa e phomolong, ea lebitsong la hae ha fumaneha.