MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MOSALI O AQATSA EMONG KA PETOROLE, KA LE RENG O CHAUFANA LE MOLEKANE OA HAE, BUTHA-BUTHE
By Thabo Mokoena • December 4, 2025 • 5 min read
Basali ba babeli ba hlalosoang e le matsoalloa a Mokhotlong ba ile ba thijoa ke sechaba ka hare ho toropo ea Butha-Buthe ka Laboraro la beke ena, moo e mong a neng a leka ho chesa e mong ka peterole ka le reng eo ha na tsebe khale a mo khalemella ho chaufana le monna oa hae.
Ea boneng ka mahlo monghali Ralits’otso Selonyane o re mosali eo, o hlalositse ha sepolesa se sa mo thuse etsoe e le khale a se kopa ho kena lipakeng, ke moo a ileng a bona ho le bohlokoa ho thetsa eo, empa sechaba se ile sa mo thiba, a nkeloa ofisisng ea sepolesa ke lepolesa le neng le feta ka tsela.