MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
LITSI TSA BOPHELO TSA 'MUSO LI SEBELETSA BAKULI KA MATSATSI A ITSENG
By Thabo Mokoena • November 1, 2024 • 5 min read
Mofuputsi oa litaba oa phutsalatso ena ea Molimo, o re o fumane hore bakuli ba sebeletsoang litsing tsa bophelo tsa ’muso, ba kopana le mathata a maholohali hobane ba lokela ho kula ka matsatsi a itseng, molemong oa hore ba tle ba fumane lits’ebeletso.
O re o lemohile hore bakuli ba khutlisitsoe Domiciliary e tsebahalang ka la Lifofaneng bekeng ena, ka le reng bakuli ba bonoa ka matsatsi a mararo feela bekeng, matsatsi a mang ke a bakuli ba ileng ho ea lekoloa hore na ba ntse ba ea joang.
Ntle ho moo, o re setsing se Ha-Ratjomose bakuli ba thusoa ka matsatsi a mabeli feela, hoo baa bileng teng bekeng ena, ba bonoeng ke baoki e seng ngaka, ’me bakuli ba neng ba hloka ngaka, ba khutlile ka le reng ngaka e bona ba bitsitsoeng feela ho ea hlahlojoa hore na bophelo ba bona bo ntse bo ea joang.
Mookameli oa liphatlalatso oa Lekala la Bophelo, ’Mamolise Falatsa, o itse taba ena ke lehoetla, o sa ilo nka koto o tla boea sekoele.
Ho sale joalo, setsi sa Bophelo se Khubetsoana tlas’a botsamaisi ba Lekhotla la Motse-Moholo Maseru, se hlalosoa ke motlatsi oa phala Nts’eliseng Panyane, se koetsoe ha nakoana, ka lebaka la mosebetsi oa tokiso o ntseng o etsoa ke ba K’hampani ea Metsi le Likhoerekhoere (WASCO), e ammeng phepelo ea metsi setsing seo.