Author: Lehakoe La Litaba
30/04/2025 at 03:04 am
Latest
Boqapi ba Likoche bo qabola bamameli ba Phutsalatso
Se seng sa liqaboli tsa naha ena, se re sehlopha sa Likuena se ka hapa mohope oa Lefats’e, ha feela sona, eka ba mokoetlisi oa sona, ’me monghali Mathibeli Mokhothu, a eme mekoallong, monghali Machesetsa Mofomobe e be mo-hlaba likoulo, ha peke-peke e ka ba ’m’e Keketso Rants’o.
Monghali Sesinyi Khama ea tsejoang ka la ntate Likoche, a bua lenaneong la Masutsa ka Laboraro la beke ena, o re o salletsoe ke khoeli tse peli a fumana lengolo la hae la botichere ka sekolong se seholo sa sechaba, NUL.
Ntate Likoche, o re talenta eo a nang le eona, e tlilo mo bebofaletsa ho otla bana ba sechaba, etsoe lerato la hae ele ho bona thuto ea hae e tsoela bana ba naha ena molemo, ’me mosebetsi oa hae o ba bobebe hobane ha a kobisi le hona ho senya batho mabitso.