Author: Lehakoe La Litaba
11/08/2025 at 12:08 am
Latest
DR, LIPHOLO O RE 'MAPA OA LESOTHO O NTSENG O SEBELISOA MORAONG ONA, HA SE OONA
Dr Ts'epo Lipholo o re 'mapa oa Lesotho o ntseng o sebelisoa moraong ona, ha se oona, o lahla Basotho, 'me o re o khothaletsa hore naha ena e sebelise oa pele, oa selemo sa 1833 ho loanela hore naha e khutle le tsohle tsa eona.
Litaba tsena, moetellipele oa Pompo o li buella holima ts'its'inyo ea hae ea hore paramente e lekole bocha meeli ea naha ena, 'me li hlahelletse tulong ea ntlo ea Lapele la beke ena.
Lipholo ea tlang ho tsoelapele ka puo ea hae ka Laboraro la beke ena, o re naha ea Basotho e pukutluoe ka makhetlo a robong ke maburu a ntseng a itjella manoni a eona, ha beng ba naha ba lapile ba sena libaka tsa temo har'a tse ling, o tla pharalla le ka libaka tseo meeli e haolang ho tsona ka Afrika-Boroa, 'me o re 'muso o akofele taba ena, o thuse Basotho.