Author: Lehakoe La Litaba
30/04/2025 at 09:04 am
Latest
Ho cha ha setsi sa mabenkele Teyateyaneng, Berea ho ama lits’ebeletso tsa Nedbank
Mookameli oa Liphatlalatso le Lipapatso Nedbank Lesotho, o re mollo o ileng oa foqoha ka ho le leng la mabenkele, setsing sa mabenkele se Teyateyaneng, Berea, ka Labosupa la beke e fetileng, o bakile ts’enyo e kholo bankeng ea habo.
Monghali Sekonyela Matamane, o re ka mor’a hore banka ea habo e angoe ke mollo oo, ba ile ba fumana maemo a le mabe haholo a bile a keke a lokiseha kapele, ’me lits’ebeletso tsohle tse fumanoang teng li tla ba libakeng tse ling.
O re leha litaba tsena li le bolutu joalo, ha ho na batho ba amehileng ketsahalong ena, hape le beng ba lipolokelo bankeng ea habo seterekeng seo, ba se ts’ohe bobe leha bo le bong, tsona li ntse li bolokehile.
E mong oa ba amehang lebenkeleng leo mollo o qalileng ka ho lona, o re ha ho letho le pholohileng ka har’a lona, le ha ho le joalo, o re taba ena e se e tse e sebetsoa ke sepolesa sa setereke seo bakeng sa lipatlisiso, ’me ke Basotho ba mashome a mabeli a metso e mehlano ba anngoeng ke boemo bona.
’Musi oa setereke litabeng tsena, monghali Phahlane Makoko, o re pelaelo ke hore sesosa sa mollo ke motlakase ho hlaha ka har’a lebenkele la melata le cheleng lore, ha mabenkeleng a mang a liphahlo, ho le mosi o li silafalitseng, ’me ts’enyo moahong ona, e mpe.