Author: Lehakoe La Litaba
04/07/2025 at 05:07 am
Latest
LESOTHO LE TLA KENA BOITHUTONG BA HO FEPELA LINAHA TSEE NOKA EA SENQU E HAOLANG HAR’A TSONA, KA METSI
Lenka Thamae o re Lesotho le tla kena boithutong ba ho fepela linaha tsa Botswana, Nambia le Afrika Boroa ka metsi, ’moho le karoloana ea litereke tse ka Boroa ba naha ena.
Boithuto bo lefelletsoeng ke linaha tse boletsoeng ’moho le metsoalle ea tsona ea machaba, bo lebeletsoe hoba kaholimo ho lekholo le mashome a supileng a limilione tsa Maloti (M 173 477 784, 45), pele mesebetsi oa khaho o ka qala.
Litaba tsena, li hlahelletse ’mokeng o bileng ka Lapele la beke ena, moo ’muso oa Lesotho ka letona la machabeng, Lejone Mpotjoane le Orange Senqu River Commission ka mongoli oa eona e moholo, Lenka Thamae, ba tekenetseng tumellano ea boithuto bona. Ofisi ea morero eona e lebeletsoe hoba Lesotho.
Ka lehlakoreng la paballo ea makhulo, Monghali Lenka o itse qholotso e kholo ke hore na balisana le sechaba se tlang ho angoa ke morero ona na ba tla ts'eliso joang,le ho rupeloa hore se baballe mekhoabo le makhulo.
O itse botle ene e ka ba ha sechaba se ka fumana mekhoa emeng ea bophelo, ho le joalo oa tseba hore seo se ke ke sa eba bobebe.