Author: Lehakoe La Litaba
13/05/2025 at 05:05 am
Latest
LIQOILI TSA SESOLE LI INOLA SETOPO SA MOSHANYANA KOETSOENG MATHEBE MAFETENG
Moshanyana ea lilemo li 13 oa Ha Qamako Matete, Mafeteng, o inotsoe koetseng e se e le mofu ke sesole sa Lesotho ka ka mor’a ho noela ba ne ba ntse ba tola ka Labots’elela la ha khoeli ena, e hlola matsatsi a leshome le metso e mene ba etsoa bashemaneng.
Mokh’ansela oa sebaka seo monghali Tau Matlakala o re ba ile ba kopa thuso ho sesole ka mor’a hore sepolesa se hloloe ho finyella sebakeng sa ketsahalo ka nako ’me liqoili tsa sesole li fihlile ka ho panya ha nts’i. O re mofu o ba makalitse kaha a sa bonahale a khaqile metsi ekaba ka ho kokomoha ha limpa, empa o tsoile a le joalo.
Ka lehlakoreng le leng sesole se bile metseng ea Matelile hona Mafeteng ka letsatsi le leboletsoeng moo ho neng ho chesoa mephato e mahlano ho beha babolli leihlo le nchocho se ipapisitse le litlaleho tsa mautloela a sona litabeng tsa litlolo tsa molao tse neng li ka hlokisa sechaba botsitso.
Lut. Canel Sakeng Lekola o itse ha ho tlaleho ea libetsa tse fumanoeng ka hare ho babolli le melami e ne e sebelisoa ka tsela e nepahetseng, ka lebaka leo ba bile le ts’ebelisano ’moho e mofuthu le bona.