Author: Lehakoe La Litaba
13/05/2025 at 04:05 am
Latest
MOROETSANA O FOLISOA PHUOANA EA MOHLOLO KA THAPELO
Moroetsana ea neng a ile a hlaseloa ke phuoana a le sekolong se phahameng, motsemoholo oa Lesotho Maseru, o ile a lopolloa ka thapelo ke Moapostola Liau Thoahlaka a letselitsoe ka mohala oa letsoho bekeng e fetileng.
Moroetsana oa Masoeling Ha Patso le ‘ma’e ba buile tsebeletsong ea Mehlaleng ea Jesu Kreste ea Labotselela la ha khoeli ena e hlola matsatsi a mashome a mararo, ba bolela boholo ba Molimo o ba etselitseng mohlolo ka mohlanka eo oa oona.
Tlhaloso ea bona e re ka Labobeli la beke e fetileng, moroetsana a le sekolong, o ile a khetsemela phuoana ka mohlolo, ea e ba mohlolo ka ha lefu leo le tsejoa e le la bana e seng batho ba baholo.
Moapostola Liau Thoahlaka oa Khomokhoana Ha ‘Matau, ke e mong oa baruti le baapostola ba baholo kerekeng ea Sechaba sa Molimo Apostolic Church in Zion, ’me o okametse litereke tse ka bochabela ho Lesotho tsa Kereke ena.