BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MAHOKELA A HA THETSANE A THEHETSE BACHA BA TIKOLOHO EO MOSEBETSI OA HO BAKA BOHOBE, HO BA QOBISA LITLOLO TSA MOLAO

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Motlatsi oa Molula-Setulo oa Mahokela a Ha Thetsane Maseru, o re ka boikopanyo ba bona ele mahokela ba se ba thehetse bacha ba tikoloho eo mosebetsi ka ho theha sitsi sa ho baka bohobe, molemong oa ho ba qobisa litlolo tsa molao. ’Mantsiuoa Mphuthi o re tsebetso ena ba e qalile ka ho ikotla lipokotho, ’me ho tloha ba qalile ka ts’ehetso ea sechaba sa tikoloho ea moo, ba se ba khona ho hlaisetsa mabenkele a mmaloa le ha ba ntse bana le khaello ea mechini, ’me ba etsa mefuta eohle ea lifannora le bohobe. Nkhono Thuso ka moo a tsejoang ka teng, o re ba ne ba ile ba elelloa hore litlolo tsa molao li bonahala ka bongata bacheng, ke ha ba tla nahana ho re ba qale ka bona ka ho rua likhoho le ho baka lifannora,le ho qala hlopha tsa ‘mino oa liatla.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.