MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MONNA O RE O LABALABELA HORE BA MO CHESITSENG KA THAERE LE PETEROLE BA TS'OAROE
By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Monghali Lehlohonolo Motlamelle oa Lekokoaneng, Berea, o re o labalabela hore ngoana oa nkhonoae le metsoalle ea hae ba ts’oaroe, ka mora ho mo chesa ’mele kaofela ka tyre le petrole, ka mongoaha oa 2022.
O re o ne a phela ha nkhono oa hae, rakhali oa batsoali ba sana ba ikele boeabatho, moo a neng a sa ts’oaroa hantle, a bile a na le ho robala a itsosa ka lephako hobane a tingoa lijo, ha a tla qetella a se a utsoe, ’me o ne a utsoetse mora eo oa nkhonoae maloti a makholo a ts’eletseng, likoae tsa mahlakana le moea oa lifono, eaba eo kaha a ne a ntse a sa mo thabele, a mo chesa a mo kopanetse le metsoalle ea hae, Phahameng haufi le sekolo sa mathomo sa Mabote RCC.
O re o ne a pholose khanareng ea mollo ke ba bang ba baahi, ba neng ba mo utloele bohloko, ’me o re litaba tsena o li tlalehile sepoleseng sa Ha Mabote, le hoja a so bule nyeoe.