MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
MOLOTOLOTSI OA MATLOTLO A 'MUSO OA LESOTHO O KHALEHILE KHAHLANONG LE OA BOTSWANA
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Bamameli ba lenaneo la Puo ea Sesotho ka Labone la beke ena, ba re Molotolotsi oa Matlotlo a ’muso oa Lesotho o khalehile khahlanong le oa Botswana, litaemane tsa Basotho li tsoela Makhooa feela molemo, boliseng ba hae.
Ba re melata e amohile Basotho le baits’okoli khoebo ea makoenya le lishoaboshoabo pusong ea Molotolotsi oa ’muso ona, ’me ha ba itseka, ba nehelloa ka mapolesa a hlometseng ka libetsa tsa ntoa.
Tsena ba li buile moo ho neng ho ts’ohloa lereho Molotolotsi, e le mohlokomeli oa matlotlo a sechaba kapa letona la lichelete le Ramatlotlo. Mantsoe le Lipolelo a tsamaellanang le la Molotolotsi ke a latelang: mobaballi, mohlokomeli, ramatlotlo le moboloki, ’me litaba tsena li thehelletsoe lengolong la Ba-Roma khaolo ea 16 temaneng ea 23.