MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Morena o litlamong tsa sepolesa ka pelaello ea bosholu ba nku, Mokhotlong
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Morena oa Khotsang le Bahaoleng, Mokhotlong, o litlamong tsa sepolesa ka pelaello ea bosholu ba nku ea e mong oa baahi ba motse oa Khotsang, ’me ka ha hae, ho fumanoe letlalo le nama ea eona, ka Labone la beke ena.
’Maseeiso Nkhaoli, o re ha ho fumanoa nama eo, morena o itse likahare o ile a li lahlela ka ntloaneng, ha hlooho ea eona a ile a e tjebela kantle ka fensetere ha ho se ho kenoa ntlo le ntlo, ho batloa phoofolo eo.
O re o belaela morena le ba neng ba e-na le morena, ba entse sena e le ha ba nka monyetla oa hore molekane oa hae ha a utloe litsebeng, ’me litaba tsena li nyarositse baahi ba motse oo hobane ts’epo ea bona e le ho morena.