MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Bamameli ba re mabotho a patlo a ngolisitsoe ka molao
By Thabo Mokoena • October 6, 2025 • 5 min read
Bamameli ba lenaneo la Lesotho le Basotho Pele ka Labobeli la beke ena, ba re mabotho a patlo a Obela, Likorolo le a mang a fumanehang ka hare ho metse le metsana ea naha ena, a ngolisitsoe tlas’a molao oa mekhatlo oa Lesotho.
Tsena ba li buile lenaneong le neng le hetla morao ketelo ea morena oa Mahokela a Lesotho Sebonomoea Ramainoane, Marakabei Ha Moalosi, Maseru, ka memo ea Mok’hanselara oa lebatooana la Seiboko Monghali Ntjantja Lefera Ntjantja, moo a neng a il’o tsosolosa bohokela metseng eo, mafelong a beke e fetileng.
Ba re mabotho ao, a molaong hobane litho tsa oona, li boetse ke litho tsa bohokela, empa li ikhetholla ka hore ke banna feela ba tsebang ho kalla lipitsi ba batla liphoofolo tsa bosholu, ha mahokela a akarelletsa bohle, banna, basali le bacha.
Ho le joalo, ba re ba khothaletsa Maparamente a bona, ho ts’ehetsa ts’isinyo ea moparamente oa Lebakeng Letsekang Moloi, ea hore bohokela bo thehoe ka molao oa Paramente, mahokela a ikemele, a sebetse tlas’a meeli e tlang ho beoa ke molao oo bakeng sa ts’ireletseho le tlhonepheho.