MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Babelalloa ba bosholu ba liphoofolo ba qhautsoa ke sepolesa sa Roma ba le moreneng Pheuoeng
By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Banna ba babeli ba ileng ba qhautsoa ke mahokela a Nyakosoba, Ha-Ntsane, Maseru, ka pelaello ea bosholu ba likhomo tse peli, ba litlamong tsa sepolesa sa Roma se ileng sa ba lata moreneng oa sebaka oa Pheuoeng, moo ba ileng ba isoa teng ka Labohlano la beke ena.
Monghali Khauhelo Khatlane, o re babelaelloa bana ba ne ba ile ba bonoa ka thoko ho motse ke balisana, ’me ba hlabela mahokela mokhosi, oona a etsa ha-li-eme-re-botse, ke ha ba tla fumana hore bao ba ntse ba tsamaea ka likhomo tse se nang babeisi a nepahetseng.
O re e le mahokela, ba butsoe mahlo ke sepolesa sa Roma ha se hlahloba babeisi hore ao, babelaelloa ba hlakotse mongolo oa pele, ha ngoloa bocha, feela ba sebelisitse setempe seo sona ba sa se hlakolang.