BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Tona-kholo e laela bolaoli ba sesole ho nts’a masole a bonoe metseng le metsaneng

By Thabo Mokoena • September 5, 2025 • 5 min read
Monghali Mathibeli Mokhothu lebitsong la bohanyetsi ba molao ba Lesotho, o re le hoja naha ena e tjametsoe ke litlolo tsa molao, tse lokelang ho fenngoa ka hohle-hohle, o ne a ka khothaletsa monghali Ntsokoane Matekane thibelong ea litlolo tsa molao ho etsa kasete. Sena o se bua a ipapisitse le taelo ea tona-kholo Ntsokoane Matekane, e reng Molaoli oa sesole sa Lesotho, a lokolle sesole, se be hohle ka har’a naha ho loants’a botlokotsebe bo jeleng setsi, moketeng oa ho tlotla masole a tsoa e hlanaka khahlanong le marabele Mozambique, ka Laboraro la beke ena. Monghali Mokhothu, o re mosebetsi oa sesole ke ho ba meeling ea Lesotho, e seng ho etsa mosebetsi oa sepolesa, etsoe litsi tsohle, li tataisoa ke melao e li thehang, ’me sesole se hlokomele hore se se tlole molao. Litabeng tsena, monghali Teboho Sekata ofising ea Raliphatlatso ea tonakholo, o itse taba ena e phatlalatsoa hobane litlolo tsa molao le botlokotsebe li se li phahame haholo, le hoja a sa fana ka lipalo hore na li holimo ha kae, empa a ts’episa hore a ka li batla a fana ka tsona. Morena Sebonomoea Ramainoane litabeng tsena, o re taelo ea tona-kholo e tlisa ts’abo sechabeng, haholo ha sesole se laeloa ho sebelisa matla ohle a sona ho thibela litlolo tsa molao, hobane sona ha se fuputsi taba, se nka qeto ha se fihla sebakeng.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.