MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Moqhobi oa likoloi tsa Chief TBN o pholohile matsohong a linokoane, Maseru
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Moqhobi oa likoloi tsa Chief TBN Taxi Services o pholohile matsohong a linokoane tse neng li mo hlasetse ka lithunya, ka morero oa ho mo amoha koloi, a le Qoaling Maseru, bosiung ba Laboraro la beke ena.
Tsena li boletsoe ke mookameli oa Chief TBN Holdings, monghali Tabane Ramainoane, ea reng o bone moo makoloi a laoloang teng ka marang-rang hore koloi e na le bothata, ’me moqhobi a hlalosa ha banna ba bararo ba fihlile ele baeti boemelong ba tsona Mokorotlong, ’me ba re a ba ise Qoaling, athe ke matsollo-peli mapata-masene.
Moqhobi Reitumetse Seqhobane, o re ha ba hloella ka hare ho motse oo, e mong o ile a mo supa ka sethunya, ba mo laela ho theoha, ’me a etsa joalo, a ba a fumana phahamiso e tlang ka hare ho toropo, ho tlaleha taba eo sepoleseng, koloi ha baa khona ho e nka, ba nkile leshala la eona feela.