MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
NGOANANA EA BOLAILOENG KE MOHLANKANA OA HAE NAKONG EE A NENG A MO CHAKETSE O TLA BOLOKOA, BUTHA-BUTHE
By Thabo Mokoena • June 10, 2024 • 5 min read
'Musi oa setereke sa Butha-Buthe ka kopanelo le mokhethoa oa puso ea libaka Ha-Mopeli, o re ba tla boloka ngoanana oa lelapa la Seitlheko ea ileng a timela ka Labohlano la beke e fetileng, ka mor'a ho hlajoa ka thipa ke mohlankana oa hae ea neng a mo chaketse.
Monghali Ts'epa Chaba, o re sena se latela hore a fumane tlaleho ka khaitseli ea mofu hore lelapa le sitoa ho boloka eo, le ho lefa setsi sa kokelo see a timelletseng ho sona, ho kenyelletsa ho tlosoa ha setopo moo, hore se tle se isoe sets’eng sa sechaba sa poloko ea bafu.
O re ho bile ho na le mohoebi ea ts'episitseng ho phallela bohle ba tla ea lla mosoanng le lelapa ka lijo, 'me litaba tsena li ile tsa tlaleheloa sepolesa sa Botha-Bothe se bileng sa ea qhautsa 'melaelloa.