BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente le baahloli, ke mokhatlo oa liakhente tse boulelang litokelo tsa mantlha tsa botho le molao

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Mokhatlo oa liakhente tse boulelang litokelo tsa mantlha tsa botho le molao, o nts'itse polelo e reng mohlahlami oa molaoli oa sesole sa Lesotho, Maj. Gen. Matela Matobakele, a hule polelo ea hae, e ts'osang babuelli ba molao le baahloli ba makhotla ts'ebetsong ea bona, ka Laboraro la beke ena. Lengolo le re polelo ea Matobakele e reng liakhente le baahloli ba sebetsang litaba tsa batho ba hlokofalitsoeng ke sesole, ke lihlakana-hlooana tse lokelang ho tokhotsoa, ke tlhohleletso ea tlhaselo ho babuelli le baabi ba toka. Sena se hlalosoa ke lengolo e le tlolo ea molao o laloang sesole sa Lesotho le molao oa lona oa motheo, ka ha boikarabelo ba sesole e le ho hlompha le ho ts'ehetsa makhotla ts'ebetsong ea ona. Mokhatlo o re ebang Matobakele a sa kope ts'oarelo, nakong ea matsatsi a supileng lengolo le ngotsoe, o tla hloka boikhethelo, o tla mo nka la lechoba ho mo isa makhotleng a boahloli. Sesole sa Lesotho le sona se memiloe ke mokhatlo ho kopa ts'oarelo ponts'eng, ka polelo ea setho sa eona.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.