MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
BOROKHO BO BOHOLO BA BA NOKA EA TSOAING BO KAMOHILE KA LEHARE, MAFETENG
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Qheqhebisane ea borokhokho ba noka ea tsoaing, Mafeteng, e neng e sebelisoa ke sechaba ho ts’elela mahlakoreng a mabeli a noka eo, e kamohile ka lehare ka Labots’elela la ha khoeli ena e hlola matsatsi a mashome a mabeli a motso o mong ‘me sechaba se tla hloloa ho ts’ela nakong eo nakong ee pula e ka nang ka matla le ho tlatsa boo se iketselitseng bona ho ts’ela noka eo.
Mohoebi oa likoloi tsa baeti tsa Mateli Nts’ibane monghali Semoise Lethoana o re ho kamoha hona ho tlo thefula khoebo ea bona haholo kaha baeti le sechaba ba ke ke ba ts’ela ha noka e jele litlhokoa ’me ba tla lokela ho emela hore metsi a fokotsehe ka lebaka leo, moruo le lits’ebeletso tsa baahi ba metse e leshome le metso e mene ea sebaka seo li amehile haholo.
Borokho bona bo se bo e-na le selemo le khoeli bo ritsitse methehong ea bona ’me ho fihlela le holimo ha bo e-so lokisoe kapa ho etsa ba nakoana. O re tonakholo ea Lesotho monghali Ntsokoane Matekane o bile teng moo ho ithuta boemo empa ea se re letho hore na bo tla lokisoa neng.