BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Mokhatlo oa Lenaka la Mohlomi o re o thabetse ho buloa ha Kotopo

By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Monghali Moorosi Moshoeshoe oa Mokhatlo oa Lenaka la Mohlomi, o re esale ba sa lumellane le ho koaloa ha kotopo ho tloha ka mongoaha oa 2020, ’me ba thabile haholo ha kotopo e butsoe, hobane ho koaloa ha eona, ho etsa hore paramente e ipokelle ka matla a ho fetola borumuoa ba sechaba pele bophelo ba eona bo fela. O re boteng ba kotopo, bo thibela tonakholo ho ea ho Motlotlehi hore e bitse likhetho, e nka matla a Motlotlehi a ho etsa qeto malebana le ho ea kapa ho se ee likhethong. O re ntlheng ea hore likhetho li senya chelete ea naha, bona ba re ho ea likhethong ke ho hlompha bakhethi ka sepheo sa ho ba le kabelo pusong, e bile e le tokelo ea mantlha ea botho. Monghali Moshoeshoe o re chelete e senyehang likhethong, e molemo ho feta e senyehang ka lebaka la bobolu hobane e eang likhethong, e fa Basotho mosebetsi, IEC e hira Basotho le likoloi tsa bona, e fa li-ea-le-moea lipapatso le ho reka mananeo hore liphathi le tle li ikete.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.