MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
LEKALA LA TEMO LE THAKHOTSE LENANE LE RERETSOENG HO NTLAFATSA BACHA LITABENG TSA TEMO, HO HLAHISA MESEBETSI LE HO BA KHOTHALETSA HO ITAHLELA KA MATLA TEMONG.
By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Monghali Lechesa Nthulanyane, o re Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo, le thakhotse lenane la bobeli le reretsoeng ho ntlafatsa bacha litabeng tsa temo, ka sepheo sa ho hlahisa mesebetsi le ho ba khothaletsa ho itahlela ka matla temong.
O re bacha baa tlilo una molemo, ke ba lilemo tse lipakeng tsa leshome le metso robeli ho isa ho tse mashome a mararo a metso e mehlano, ho hlahlelloa ka litsebo tsa bohlahisi kapa tsa bosupisi.
O re morero ona, o ile oa thakholoa lilemong tse tharo tse fetileng, empa lekala la elelloa hore boholo ba ba neng ba kene ke batho ba baholo, ke ka hona ba shebileng ho bacha, ’me morero o bile oa fana ka lipeo nakong ea likoluoa le ho sireletsa thepa ea lihoai. Tsena li hlahelletse ’mokeng oa lihoai Qachaseneke ka Labobeli la beke ena.