BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

HO SE LUMELLANE KA MAIKUTLO HA BABOLLI HO HLALOSOA HO BAKILE LEFU LA JOKI, HO RIALO SEPOLESA SA LESOTHO

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Sepolesa sa Lesotho se re liphuputso tsa sona, li sibollotse hore polao ea sehloho ea monghali Ralikonelo Joki, e amahangoa le ho se lumellane ka maikutlo le babolli mophatong. Tsena li hlahelletse 'mokeng oa baqolotsi le baphutsalatsi ba litaba o bileng ntlo-kholo ea sona, ka Labobeli la beke ena Maseru. Sepolesa se re se patlong ea banna ba bararo, e leng Sootho Liphoto ea lilemo li (35) oa Mokema Ha Maama, ea lulang Ha Abia, Kamo Phakoe oa tse (35) oa Jorotane Ha-Rapokolana ea seng a lula Ha Abia, le Mothusi Class oa Mokema Ha Maama Maseru, ha ba babeli ’moho le Honda Fit ea linomoro tsa A 006 BBC, e sebelisitsoeng ke ba belaelloa bao, e le litlamong tsa sona. Moqhobi o hlalosoa a le sieo litlamong, empa oa fumaneha ka linako tsohle ho thusa sepolesa ka lipatlisiso, ’me koloi eo e ne e hiriloe ho ea phetha sena. Ka lehlakoreng le leng, monghali Mopeli o re Sootho Liphoto le Thuso Klass, ba belaelloa polaong ea mosebeletsi oa paramente ea Lesotho, mongahli Mothibe Mothibe ea ileng a thunyetsoa lefu le Thomello Ntsane ea neng a sebetsa mokhatlong oa machaba a kopaneng, moo a neng a tsekisoa hore o oa phapha hape o na le sethunya.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.