Local
BAAHI BA HA-RASENKISI BA LLA KA TS’ILAFATSO EA MOTSE OA BONA KE MOTHO EA QHIBILIHISANG MABILI
By Thabo Mokoena • November 20, 2025 • 5 min read
Baahi ba Masianokeng, Ha-Rasenkisi, Maseru, ba re mong’a mochini o qhibilihisang mabili, ka har’a motse oo, o ba bakela bokulo, le mathata a mang a ts’ilafalo ea tikoloho ka baka la mosi o foqohang teng, bosiu le mots’ehare.
Ea buileng lebitsong la bona, monghali Rethabile Khama, o re ho halelele ba buisana le mong’a mochini ka maemo ana, empa ho bonahala a ithibile litsebe, a bile a sa utloi le ha morena a mo atamela.
Ee ho lluoang ka eena, monghali Temoho Khatleli, o re ha ho na moo a bakelang baahi bothata teng, hobane ts’ebetso eo, o e etsetsa ka thoko ho motse, ho mpa ho na le ba sa khotsofalleng mosebetsi oa hae, o se a bile a balehetse ho ’muelli oa hae ho mo namolela.
Litabeng tsena, Morena Motlatsi Matamane, o re ha a sa tseba na a tsoe ka lefe lekhalo, hobane monghali Khatleli, o mo joetsitse hore o tla tloha sebakeng seo ka taelo ea lekhotla, ka mabaka ana o kopa ba ka kenang lipakeng, ba mpe ba etse joalo.