BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MASHOLU A ITAHLELA KA TLUNG, A UTSOA MEHALA EA THEKENG, CHELETE LE NAMA E TALA

By Thabo Mokoena • June 10, 2024 • 5 min read
Masholu a mabeli a banna, , a utsoitse mehala e meraro ea thekeng, chelete e likete li robong tsa Maloti le nama e tala har’a tse ling, ka likhoka, ka Labone la beke ena. Puisanong le Lehakoe la Litaba, ee litaba tsena li etsahaletseng habo, o re monna e mong o ile a kena ka fensetere, ha a le ka hare a bulela ea neng a le kantle, ba nt’o utsoa tse boletsoeng ba ikela. O re ha ho ntse ho etsahala tsena, eena, bana babo le ’mabona, ba ile ba fasoa ka tsee litlokotsebe li ileng tsa li fumana, tse kenyeletsang marapo a lieta, ’me litaba tsena li tlalehetsoe sepolesa sa Thetsane. Major General Lineo Poopa ka Labone la beke ena, o bolelletse lekhotla le Phahameng hore a se etseletsoe ka hore e bile karolo ea liphutheho tsa ho ts’oaroa le ho bolaoa ha Brigadier General Maaparankoe Mahao, eena h’a tsebe letho ka morero le ho ts’oaroa ha hae. Poopa o itse ha se ’nete hore eena e bile karolo ea masole a neng a hlophisetsa tlaleho ea bolaoli e neng e leba ho ‘muso, e mabapi le ho thunyetsoa lefu ha mofu Mahao. Se na se hlahile ha a araba potso ea akhente Letuka Molati ‘muelli oa molaoli oa mehleng oa sesole sa naha ena, Lut Gn Tlali Kamoli e neng e re na o hopola eena Poopa, Lekhooa, Sechele le Kamoli kopanong e boletsoeng ka holimo. Molati o ile a bolella lekhotla hore lekhotleng la sesole ho ne ho hlahella hore lesole le bitsoang Lance Coporal Motloli ke lona le thuntseng e mong Tefo Hashatsi, paki ea mofetola ka hore e keke ea latola hoba lesole leo ene ele molebeli oa monghali Mots’o-mots’o. Ho feta moo Molati o ile a re sepolesa le sesole se ile sa sebetsa ‘moho ho ikhelosa ka ho isa motho o sele Lance Coporal Mohono lekhotleng la ’Maseterata ka sepheo sa ho pata litaba tseo, paki ea re ha e tsebe letho. Poopa o itse lelapa la hae le la Kamoli ke malapa a tloaelaneng, hohle moo a kopanang a buisana ka tsela e ts’oanang,le eena ha qabana le moqosuoa kaha ba ile ba ’na ba buisana le ka khotla, empa ha se metsoalle. Paki e qetile ho araba lipotso tsa liakhente tsa baqhosuoa.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.