MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Sports
LEBALA LE SA FIHLELANG LITLHOKO TSA CAF LE ETSA HORE LIKOENA LI AMOHELLE LINAHA TSE LING AFRIKA-BOROA
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Sehlopha sa naha sa futubolo Likoena, se t'sabane bophatsoa le sa Cote Divoire ka ho bapala maleka a lehe ho lehe papaling e neng e bapalla Soweto, Africa Boroa e le papali ea Likoena ea lehae, ka Labone la beke ena.
Lipapali tsa sehlopha sa naha li ntse li bapalla naheng eo ka lebaka la hore lebala le leholo la Setsoto Lesotho, le hloloe ho fihlela se hlokoang ke mokhatlo o moholo oa futubolo Afrika, CAF.
Tsena ke lipapali tsa ho phunyelletsa ho ea lipapaling tsa mohope oa Africa, o tla bapalloa hona Cote dlvoire selemong se tlang. Lesotho le pannoe le Comoros, Zambia, le cote Dlvoire sehlopheng sa tsona moo li tlang ho bapalana, ebe ho feta tse peli ho ea mokhahlelong o ka pejana. Likoena e ne e ile ea khakhathoa ke Comoros ka likoulu tse peli ho lehe.