MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mosali o re o kopa thuso ka mora oa hae ea mo tsohetseng matla, Ha-Thetsane Maseru
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Moahi oa Ha-Thetsane, Maseru, o re mor’a hae ea lilemo li mashome a mabeli a metso e robeli, o mo tsohela matla ka lebaka la ts’ebeliso e mpe ea lithethefatsi, o rekisa korosari ea lelapa, a be a kene likobong tsa hae a le poosho ka linako tse ling, ha a khalemelehe.
’Malets’oenyo Heqoa o re mora o qalile ho sebelisa lithethefatsi a le foromong ea pele sekolong, ’me li se li mo fetotse motho ekang o na le lefu la kelello, hoo a bileng a fuoa litlhare tsa lona tsee e reng haa lokela ho li noa, ebe o li noesa eena.
O re o tlalehetse sepolesa litaba tsena ka makhetlo, empa ha ho thuso, le ka Labone la beke ena, o bile mapoleseng Ha Thetsane, a mpa a bolelloa hore koloi ha e eo, joale o se a batla hore mora a mo tsoele ka ntlo, hobane o ts’aba ho siea bana le motho ea joalo.