Mamoliehi Makhanya oa Semonkong Boreipala Ha-Tebesi, Maseru, o re khaitseli ea hae, e koetetsoe ke lebotho la patlo la Ts’oele-Le-Beta-Poho le e belaella bosholung ba poli, ka Labobeli la beke ena.
Monghali Leronti Lesoma, ea itlhalositseng e le mong’a poli, o itse mohlankana eo o ne a e utsoe ha Pherekhong ea selemo sena e ne e hlola matsatsi a mahlano, a e qhoba le liphoofolo tsa hae, hamorao a e hlaba.
Litabeng tsena, morena Phakiso Phakiso puisanong le Lehakoe la litaba, o itse taba e makatsang ho tsona, ke hore mohlankana o nkiloe matsohong a hae ke lebotho leo, empa ha lea mo isa mapoleseng a Mants’onyane.
Mong’a molisana eena, monghali Malefetsane Ratalane, o itse ha a tsebe letho ka poli, o batla molisana a khutle, ba tl’o bua le litaba le monghali Leronti, kaha e le baamani.