MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Makhabunyane ha a utloisisi litaba tsa Sebonomoea On Point ho Facebook
By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Makhabunyane a keneng litaba tsa Sebonomoea Ramainoane On point ka sehlotho, a utloa eka o thoholetsa puso ea Lintsokoane, athe o ne a re benghali Ntsokoane Matekane le Lebona Lephema, ba fihletse boruihali ba bona ba sa ruteha le ho busa naha ntle le thuto ea sekolo, ka mabaka ana, naha e lokela ho ananela litsebo le boiphihlelo ba Basotho ba sa rutehang, ho shejoe mesebetsi ea motho, e seng mangolo a hae feela.
Ho ea bonahala hore litaba tsena tse buang ka puso ea Leabuoa Jonathan, Lebona Lephema le Ntsokoane Matekane leboteng la Sebonomoea Ramainoane on Point, ha lia utloisiseha ho fella. Sengoli se re ho hlokahalang ke hore ho ts'oanela ho etsoe molao o mocha Lesotho, o supang tsela litabeng tsa puso le moruo, ka tsela e tlang ho ananela litsebo le boiphihlelo, e seng mangolo a sekolo feela.
Sena se latela hore batho bao ho entsoeng mohlala ka bona, ba tsejoa ba se na mangolo a thuto a sekolo se seholo, empa ba okametse le ho etellapele naha le moruo oa eona ho kenyelletsa le bao ba keneng sekolo haholo.
Ha a botsoa holim’a taba ena, morena Sebonomoea Ramainoane, o itse Makhabunyane ha a mo utloisisa ho hang, a khutlele on-Point, ho ea balisisa litaba tsa hae hantle, a se ke a mo nahanela a qetella a mo tolokile hampe joalokaha a se a ntse a etsa.