BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

’Muso o re ho ea lefung la Lisuoa ha oona, e ne e tla be e le ho kena qhafutsong ea lintoa tsa libini tsa Sesotho

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Phala ea ’muso oa Lesotho, monghali Thabo Sekonyela, e re ’muso o nkile qeto ea ho se ee lefung la Khopolo Khuluoe le Pulane Macheli ba bolokiloeng mafelong a beke ena, hobane ho etsa joalo e ne e tla e be le ho kena qhafutsong ea lintoa tsa lipolotiki. Tsena Motlokoa o li buile lenaneong la Rents’alephola ka Lapele la beke ena. Litaba tsena li tla mor’a hore morena oa sehlooho oa Likhoele, Lerotholi Seeiso, a re o soabisitsoe ke ho se emeloe ha ’muso lefung la Lisuoa le la Macheli, empa o bonahetseng ho la e mong Bokang ’Moleli ea tsebahalang ka la Malome Vector. Morena Seeiso o re ’muso o ne o lokela hore e be o sebelitse litaba tsena thoko ho lits’ekamelo tse itseng, ha o ea mafung, o ee ho oohle le mats’eliso ka tsela e ts’oanang, hobane bohle ba na le litokelo tse ts’oanang kapele ho molao naheng ena.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.