MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Political
Senate se aroha likoto ts’ebetsong ea melao ea MaAmerika
By Thabo Mokoena • December 7, 2025 • 5 min read
Litho tsa ntlo ea Mahosana, li tlalehoa ke mehloli e haufi le litaba li arohane likoto tse peli
tabeng ea hore Senate se sebetsane le melao ea MaAmerika, le hore nako ea ntlo e
phahameng ea paramente ea ts’ebetso e fetoloe joalo ka ea lekhotla la sechaba. Marena a
Sehlooho a re nako ea ho sebetsana le melao e ea fokola, ha lehlakore le leng la Senate le re
ho sebetsoe.
Litaba tsena li baloa tjena Marena a Sehlooho a le kopanong le tonakholo Ntsokoane
Matekane, ka Labobeli lena, ho ea teka ngongoreho ea oona holim’a lits'oants'o tsa molao
tsa MaAmerika tse lokelang hore e be e le molao pele khoeli ea boraro e fela, tse ntseng li
ts’ohloa ka lekhotleng la sechaba.
Khang ea oona ke hore nako ea ho hlahloba lits’oants’o le ho li fetisa e le molao e nyenyane,
a boetse a re Amerika e bonahala e batla ho laola Lesotho ka melao ena. Ba haufi le litaba
ba re thahasello ea Marena, e sets’oantsong sa molao oa bo-jalefa, se thulanang le molao oa
Lerotholi le oa lenyalo la Sesotho, har’a emeng.