MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Political
LETSOSA O RE LIFATO-FATO KE SELOPE SE SEBELISOANG KE ’MUSO HO HOHELA BAKHETHI LIKHETHONG TSA MAKHOTLA A PUSO EA LIBAKA
By Thabo Mokoena • December 3, 2025 • 5 min read
Monghali Motlalentoa Letsosa, o re mesebetsi ea lifato-fato e phatlalalitsoeng ke ’muso e tlil’o theheloa Basotho, ke selope se tlang ho sebelisoa ke oona ’muso ho ts’oasa bakhethi likethong tsa makhotla a puso ea libaka, tse tla ts’oaroa ka Loetse selemong sena.
Tsena, monghali Letsosa o li buile lenaneong la Paramente ea sechaba ka Laboraro la beke ena, moo a itseng leano la lifatofato ke la Mahatammoho, leo e saleng le sebelisoa lipusong tse fetileng, ’me hoa makatsa hore ebe puso ena e sebetsa ka lona, empa e ne e iphatlalatse e tlil’o tla ka maano a macha thehong ea mesebetsi, ka hona ’muso ha o na a macha a ho holisa moruo oa naha ena.
O re lifato-fato ha lia hlaha ka ts’ohanyetso, ka hona Basotho ba tla hloma hore ho tlo hiroa ho latela koetliso ea bao e tlang hoba baetellipele ba ba bang ts’ebetsong, athe ’muso o shebile ho tla ba sebelisa ho iketela likhetho, hape puso e sebetsa ka matla ho notla lichelete tse lokelang ho ea sechabeng, o batla e tle ka ho oona.