MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Political
BASOTHO BA MAKALETSE ’MUSO OA LESOTHO MALEBANA LE POLAO E SEHLOOHO EA SEBINI SA DC
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Banna le basali ba Basotho, ba re ba makaletse ho se bone ’muso oa Lesotho o akofela polao e sehloho ea sebini sa DC Phahameng, Mafeteng, bosiung ba Labots’elela la beke e fetileng, empa pelaelo e le hore o bolailoe ke motho ea bonoeng ke ba bangata, ’me ba mo tseba e le lepolesa la Mafeteng le neng le mpa le sa apara seaparo sa sepolesa.
Ba bua lenaneong la tsa Mafelo a beke le Lekomo, Basotho ba itse na ho tla joang hore ebe ’muso ha o e-so hlahise polelo, ba bang, ba ba ba re na ebe ha se litlamorao tsa ketseletso e ileng ea etsetsoa Ma-Congress le Manasi ka mor’a lefu la e mong Ralikonelo Joki.
Seboholi sa DC, monghali Serialong Qoo, se re ka mor’a hore komiti e kholo e amohele tlaleho ho tsoa komiting ea Lebatooa la Mafeteng, e tla lula e fihlele, qeto ea hore na e tsoa ka lefe lekhalo.
Ea ngotseng ka marang-rang, o itse eena o tseba Lesotho mona, mapolesa ha a bolaile motho a sa ts’oaroe, ho ts’oaroa masole. Mofuputsi oa Moafrika Makhotleng, o re ho na le linyeoe tse peli tse ntseng li tsoelapela lekhotleng le phahameng, moo masole a qosoang ka liketsahalo tse peli tse fapakaneng tsa polao ea masafilone, masole ao a bile a tinngoa bail.
Le ha hole joalo, ofisi ea phala ea sepolesa sa Lesotho e re e tla fumanela Lehakoe la Litaba bonnete ba taba ena, empa ha e ea lumela kapa hona ho e latola.