BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Political

HANTS'I O KHUTLETSE MOSEBETSING OA HAE, KOMISING E IKEMETSENG EA LIKHETHO

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Ofisiri ea komisi e ikemetseng ea Likhetho, Monghali Tuoe Hants’i, e saleng a behelloa ka thoko ho mosebetsi ngoahola, o qalile ts’ebetso ka Lapele la beke ena ha li ne li tloaela makhulo. Mehloli e ts’epahalang, e tlalehetse Lehakoe la litaba hore monghali Hants’i, o ile a itlaleha ka hora ea borobeli mosebetsing, empa bookameli ba mo laela ho ema kantle ho liofisi ka le reng bo sa ipua, eare ha li tloaela makhulo a lokolleloa senotlolo sa hae moo a hlotseng lets’ehare lohle a le ts’ebetsong. Litaba tsa qoso ea hae joalo kaha lekhotla le phahameng le ne le laetse, li tla qala ho mameloa ka Laboraro la beke ena, botenng ba lipaki tsa moqosuoa le ’muelli oa hae oa molao. Basotho ba bang ba re ba makatsoa ke hore lengolo le qosang monghali Hants’i ke la pele ho le mo khutlisetsang mosebetsing.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.