BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Political

'Muso o thonaka litholoana tse oetseng le ho tlotsa bakhethi ka jeme

By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Bamameli ba Pusong ea sechaba ka sechaba ea Labots’elela la beke ena, ba re 'muso oa Lintsokoane o tlotsa sechaba ka jeme, ha o sebetse, o mpa o thonaka le ho itjella litholoana tse oetseng fats'e le tse leketlileng. Sena ba se buile ba ipapisitse le maano a ona a bonahalang a tsoela barui feela molemo, ha mafutsana a ntse a tsoelapele ho pulufala. Lenaneo le fumane hore lintlafatso tse teng pusong ena, li tsoela bahoebi ba baholohali le melata e bitsoang batseteli molemo, ha Basotho ba mekhahlelo e meng ba fumana makumane. Tse ling tsa litholoana tseo o ithorisang ka tsona, li tlalehoa e le tsa mebuso e fetileng, hoja ba litulong ba sa batle ho ananela seo. Bamameli ba itse maano a puso ena, a na le mats’oao a khapo-bocha e tlang ka linaha tsa bophirima hore li je manoni a linaha tse kang Democratic Republic of Congo le Afrika Boroa. Boto ea meralo ea ntlafatso, le khaho ea lintlafatso ke likhoebo tse kholo, e hlahelletse e le eona tharollo ea moshoelella litabeng tsena.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.