BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Political

MATHIBELI O HLOBOLISA PUSO EA MATEKANE, O E SIEA E LE POOSHO

By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Moetellipele oa bohanyetsi ba Lesotho, o lokolisitse likhaello tsa 'Muso oa Barui ka bonngoe, sebokeng sa mabatooa a Maseru, se neng se le Ha Thetsane, ka Labosupa la beke e fetileng. Har’a tse ngata, Monghali Mathibeli Mokhothu, o ile a simolla ka ho makalla ho kikitlela ha lebili la toka, moo lefu la motho le seng le sa fapana le la kokonyana pusong ena, makhotla le oona a sa tiiseng letsoho likahlolong tsa lipolao tsa batho ka sehloho. Mokhethoa oa Qhoali, o itse 'muso o hlotsoe ho kenya tlhophobocha ts’ebetsong, o ntse o bile o tla hloleha hobane ha e ea kenyelletsoa likhakanyong tsa lichelete tsa selemo sena. Monghali Mokhothu o buile ka tlala ea bojalikata e tjametseng Lesotho ka lebaka la ho phahama ha litheko tsa lijo, le temo e sieo, ka ha 'muso o nolofalelitse barui ba seng bakae ho lema, ka thuso ea ona, sechaba sa sala se kobile linala. O khothalelitse maparamente ho ts’ehetsa mahokela ka melao e tlang ho a nolofaletsa ts’ebetso. O bile a lakaletsa tonakholo Ntsokoane Matekane ho hlaphoheloa kapele, a khutle a tlo tsoelapele ka puso ena e mo imetseng sa toeba e jarisitsoe mokotla oa letsoai kapa oa samente.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.