BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Political

Senate se aroha likoto melaong e meraro ea MaAmerika

By Thabo Mokoena • December 6, 2025 • 5 min read
Litho tsa ntlo ea Mahosana, li tlalehoa ke mehloli e haufi le litaba li arohane likoto tse peli tabeng ea hore Senate se sebetsane le melao ea MaAmerika, le hore nako ea ntlo e phahameng ea paramente ea ts’ebetso e fetoloe joalo ka ea lekhotla la sechaba. Marena a Sehlooho a re nako ea ho sebetsana le melao e ea fokola, ha lehlakore le leng la Senate le re ho sebetsoe. Litaba tsena li baloa tjena Marena a Sehlooho a le kopanong le tonakholo Ntsokoane Matekane, ka Labobeli lena, ho ea teka ngongoreho ea oona holim’a lits'oants'o tsa molao tsa MaAmerika tse lokelang hore e be e le molao pele khoeli ea boraro e fela, tse ntseng li ts’ohloa ka lekhotleng la sechaba. Khang ea oona ke hore nako ea ho hlahloba lits’oants’o le ho li fetisa e le molao e nyenyane, a boetse a re Amerika e bonahala e batla ho laola Lesotho ka melao ena. Ba haufi le litaba ba re thahasello ea Marena, e sets’oantsong sa molao oa bo-jalefa, se thulanang le molao oa Lerotholi le oa lenyalo la Sesotho, har’a emeng.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.